Phuputso ya Bongaka ke eng?
Phuputso ya bongaka, kapa teko ya bongaka, ke phuputso ya patlisiso e thusang dingaka le borasaense ho ithuta haholwanyane ka lefu kapa boemo ba bongaka le mekgwa e metjha ya ho alafa, ho bo hlahloba kapa ho bo thibela. Ho ithuta haholwanyane ka diphuputso tsa bongaka, shebella dividiyo tse ka tlase.
Ho Utlwisisa Diteko tsa Bongaka
Ho Utlwisisa Foromo ya Tumello e Bontshang Kutlwisiso
Phuputso ya STARLIGHT ke eng?
STARLIGHT ke phuputso ya bongaka e lekang diphello tsa moriana wa phuputso, GSK4532990, ho batho ba baholo ba nang le lefu la sebete le amanang le jwala (ALD). Bafuputsi ba batla ho bona hore na moriana wa phuputso o ka ntlafatsa ALD le hore na o bolokehile le ho mamelleha hantle.
Ho ALD, tshenyeho ya sebete e bakwang ke ho nwa jwala bo bongata e mpefala ha nako e ntse e tsamaya. Ho nahanwa hore protheine e itseng e entsweng sebeteng e a ameha ho boteng le ho mpefala ha ALD. Moriana wa phuputso o sebetsa ka ho theola bongata ba protheine ena, e ka fokotsang diphello tse kotsi tsa tahi sebeteng.
Bonkakarolo ba hao bo bohlokwa. Tlhahisoleseding e ithutilweng phuputsong ena e ka nna ya thusa bakudi ba bang ba jwalo ka wena kamoso.

Ke mang ya ka nkang karolo?
Hore o nahanelwe hore o kene phuputsong, o tlameha hore:
- O be le dilemo tse 18 ho fihla ho 70.
- O be le lefu la sebete le amanang le jwala.
- O be o nwele jwala nakong ya dikgwedi tse 4 tse fetileng.
- O dumele ho ya diketelong tse hlophisitsweng tsa phuputso.
Ho bohlokwa hape hore o be le motho ya tla o tshehetsa nakong ya phuputso (mohlala, molekane, motswalle, setho sa lelapa, kapa moahisani).
Maemo a tlatsetso a phuputso a sebetsa.
Ho etsahala engnakong ya phuputso?
Haeba o tshwaneleha, o tla ba phuputsong nakong e ka bang dikgwedi tse 16.5.
Nakong ya phuputso o tla ba le diketelo tse mmalwa ho fumana kalafo ya phuputso le ho hlahlojwa bophelo bo botle le diteko.
Ho kgaotsa ho nwa tahi ho kgothaleditswe ho batho ba phelang le lefu la sebete. Leha ho le jwalo, sena se ka nna sa se ke sa kgoneha kamehla. O ntse o tla kgona ho nka karolo phuputsong ena le ha o eso kgaotse ho nwa.
Tumello e bontshang kutlwisiso
Pele mekgwatshebetso efe kapa efe ya phuputso e ka qala, o tla hloka pele ho fana ka tumelo, kapa tumello, ho kenela phuputso ka ho bala le ho saena Foromo ya Tumello e Bontshang Kutlwisiso.
Tlhahlobelo
(ho fihla dibekeng tse 4; diketelo tse 2)
Ho bona hore na o a tshwaneleha bakeng sa phuputso, ngaka ya phuputso e tla o botsa dipotso tse mabapi le bophelo ba hao bo botle le nalane ya bongaka, le ho etsa diteko tse itseng. O tla boela o hlahlojwe le ho ba le diteko tse ding.
Kalafo ya Phuputso
(ho fihla ho dibeke tse 48, ho fihla ho diketelo tse 17)
Haeba o tshwaneleha bakeng sa phuputso, o tla behwa ka lotho sehlopheng sa kalafo se tla fumana:
- Moriana wa phuputso wa GSK4532990 (moriana o sebetsang)
kapa
- Sekamoriana (motswako wa moriana o sa sebetsang)*
*Sekamoriana se shebahala jwalo ka moriana wa phuputso empa ha se na moriana o sebetsang. Sena se thusa bafuputsi ho utlwisisa hantle le ho feta diphello tsa nnete tse bakwang ke GSK4532990. Wena kapa ngaka ya phuputso le ke ke la tseba hore na o sehlopheng sefe. Sena se thusa ho boloka phuputso e hloka leeme.
Kalafo ya phuputso e fanwa e le diente tse 2 (diente) letlalong dibekeng tse ding le tse ding tse 4.
O tla boela o be le diketelo tsa diteko ho hlahloba bophelo ba hao bo botle le ho bona hore na kalafo ya phuputso e ka nna yaba e o ama jwang. Diketelo tse ding di ka etsahala hae kapa tleliniking e haufi le hae.
Tshalomorao
(Dibeke tse 18; diketelo tse 3)
Kamora ho qeta kalafo ya phuputso, o tla ba le diketelo tse mmalwa tse eketsehileng ho lekola bophelo ba hao bo botle.
Nka lebella ditekolo tsa bophelo bo botle le diteko tsa mofuta ofe?
Nakong ya phuputso, o tla ba le diketelo sebakeng sa phuputso bakeng sa ditekolo tsa bophelo bo botle le diteko. O ke ke wa ba le teko e nngwe le e nngwe ketelong ka nngwe.

Tlhahlobo ya mmele

Bolelele/Boima ba Mmele

Matshwao a bohlokwa a bophelo

Tshebetso ya pelo (ECG)

Setshwantsho sa sebete

Diteko tsa madi

Teko ya moroto

Teko ya boimana (haeba ho hlokahala)

Teko ya sampole ya moriri (haeba ho kgoneha)

Tekolo ya sebaka se entilweng

Mathathamo a dipotso
ECG=electrocardiogram.
Ho ka nna ha ba le diteko tse ding tseo o ka di kgethang.

Setshwantsho sa lebete

Bayopsi ya sebete

Diteko tse ding tsa madi le DNA

Sekene sa sebete
Nakong yohle ya phuputso, o tla hlahlojwa hape bakeng sa ditlamorao dife kapa dife tse ka hlahang.
Fumana Setsi sa Phuputso
Phuputso ya STARLIGHT hajwale e ngodisa bakudi? Kenya khoutu ya zip ka tlase mona ho fumana setsi sa phuputso se haufi le wena.


