Dipotso tse Akaretsang tsa Phuputso


Ke tla ba phuputsong nako e kae?

O tla ba phuputsong nako e ka bang dikgwedi tse 16.5.

Ke makgetlo a makae ke tla lokela ho ya setsing sa phuputso?

Nakong ya phuputso, o tla ba le diketelo tsa phuputso tse fihlang ho tse 22. Nakong ya phuputso, o tla ba le diteko le mekgwatshebetso.

Na ke tlameha ho ya diketelong tsohle tsa phuputso?

Ho bohlokwa ho ba teng diketelong tsohle tse rerilweng ho hlahloba bophelo ba hao bo botle le ho bona hore na kalafo ya phuputso e ka nna yaba e o ama jwang.

Melemo ya ho ba phuputsong ya bongaka ke efe?

O ka nna wa fumana kapa wa se ke wa fumana molemo ka kotloloho ka ho ba phuputsong ya bongaka. Leha ho le jwalo, bophelo ba hao bo tla behwa leihlo kgafetsa phuputsong yohle ke dingaka tse nang le tsebo ya lefu la sebete. Tlhahisoleseding efe kapa efe e bokeletsweng nakong ya phuputso e ka nna ya thusa dingaka ho ithuta haholwanyane mabapi le ho alafa ba bang ba nang le mathata a tshwanang a bophelo a amanang le tahi nakong e tlang.

Na ho tla nqosa tjhelete hore ke be phuputsong?

Ha o tlamehe o nka karolo phuputsong ena mme haeba o e kenela, o ka tswa ka nako efe kapa efe. O tla fumana moriana wa phuputso le diteko tsohle le mekgwatshebetso ya phuputso ntle ho tefo.

Ke mang ya tshehetsang phuputso ka ditjhelete?

Khampani ya lefatshe ka bophara ya biopharma GlaxoSmithKline e tshehetsa phuputso ena ka ditjhelete. Ba lefa basebetsi setsing sa phuputso hore ba tsamaise phuputso.

Haeba nka etsa qeto ya ho kenela phuputso ebe ke fetola monahano wa ka teng?

Ho ba phuputsong ho etswa ka boithaopo. Ha o ka etsa qeto ya ho kenela ebe o fetola monahano wa hao, o ka tswa phuputsong ka nako efe kapa efe. Ho tswa phuputsong ho ke ke ha ama tlhokomelo ya hao ya kamehla ya bongaka.

Dipotso tsa Kalafo ya Phuputso


Ke tla fumana kalafo efe ya phuputso?

Haeba o tshwaneleha bakeng sa phuputso, o tla ajwa ka lotho ho fumana moriana wa phuputso kapa sekamoriana. Sekamoriana se shebahala jwalo ka moriana wa phuputso empa ha se na moriana o sebetsang.

Dihlopha tsa kalafo ya phuputso di ajwa jwang?

Ho tla sebediswa sistimi ya khomphutha ho aba bankakarolo dihlopheng tsa kalafo ya phuputso ka lotho. Sena se bitswa ho kgetha ntle ho tlhophiso efe kapa efe.

Na ke tla tseba hore na ke fumana kalafo efe ya phuputso?

Wena le dingaka tsa phuputso le ke ke la tseba hore ke sehlopha sefe seo o leng ho sona. Sena se thusa ho boloka phuputso e hloka leeme.

Moriana wa phuputso o sebetsa jwang?

Moriana wa phuputso o sebetsa ka ho theola bongata ba protheine e entsweng sebeteng eo ho nahanwang hore e a ameha ho boteng le ho mpefaleng ha ALD. Ka ho theola bongata ba protheine ena, moriana wa phuputso o ka kgona ho fokotsa ditlamorao tse tjhefo tsa jwala sebeteng.

Na ho na le ditlamorao dife kapa dife tsa moriana wa phuputso?

Jwalo ka meriana e meng yohle, ho na le monyetla wa ho ba le ditlamorao tse tswang kalafong ya phuputso. Bua le ngaka ya phuputso bakeng sa tlhahisoleseding e eketsehileng mabapi le ditlamorao dife kapa dife tse ka kgonahalang. Bophelo ba hao bo botle bo tla behwa leihlo ka thata nakong yohle ya phuputso. Tsebisa ngaka ya phuputso haeba o hlokomela ditlamorao kapa diphetoho bophelong ba hao bo botle.

Na ke ntse ke tla fumana kalafo ya phuputso ha ke nwa tahi nakong ya phuputso?

Ho kgaotsa ho nwa tahi ho kgothaleditswe ho batho ba phelang le lefu la sebete. Leha ho le jwalo, sena se ka nna sa se ke sa kgoneha kamehla. O ntse o tla kgona ho nka karolo phuputsong ena le ha o eso kgaotse ho nwa.